Land (Maize)										Sesotho

Ke fumana mobu jwang?

Instructions: 

Folio strap: Kabo ya mobu

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



E nngwe ya dikopo tse etswang kgafetsa ke batho ke ya ho re – “Ke batla mobu. Na o ka nthusa?” Karabo ya pele ke “Tjhe”. Re le Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, ha re a kena tabeng ya ho thusa batho ho fumana mobu.

Haeba re ne re tshwanetse ho etsa sena, nako e ne e tla ba siyo ya ho etsa letho ka ha e batla e le motho e mong le e mong ya lorang taba ya ho fumana mobu le ho ba molemi. Lenaneong la rona, re fana ka tshehetso ho batho ba seng ba ena le mobu le disebediswa tsa temo. 

Ka mora 1994, lefapha le letjha la Ditaba tsa Naha le ile la shebana le lenaneo la ntjhafatso ya mobu ka ho sebedisa mananeo a mangata a fapaneng. Mabapi le puisano ena, re tla bua feela ka ntjhafatso e tadimaneng le mobu, e leng ya kabobotjha, mme re ke ke ra bua ka dikopo tsa ho fumana mobu hammoho le ditlhaphiso mabapi le mobu. Hopola hore lenaneo la rona le shebane le ho matlafatsa balemi ba keneng kgwebong, mme ka baka lena, re tsepamisa maikutlo tabeng ya tlhahiso ya tse tswang mobung ka ho thusa molemi e motjha, ho ena le ya mpang a ipatlela mobu ka mabaka a mang. 

Thuso ya Tjhelete ho ba kgutlisetswang mobu (Settlement Land Acquisition Grant (SLAG) 

Lenaneo la pele la Ditaba tsa Naha e bile Thuso ya Tjhelete ho ba kgutlisetswang mobu (SLAG). Hona ho ile ha tshwana haholo le taba ya matlo moo lelapa ka leng le neng le thuswa ka tjhelete e kana ka R15 000. Ka bomadimabe ha ho polasi e ka rekiswang ka tjhelete e kaalo. Ka hoo, batho ba neng ba batla ho reka polasi ba ile ba tshwanela ho ipopa dihlotshwana hore ba kgone ho reka polasi mmoho. 

Mabaka a mangata a etsang hore mokgwa ona o hlolehe ho sebetsa. Ke ana: 

Ho bokella batho tulong e le nngwe ho baka dikgohlano, ha e se haeba sepheo sa bona se tshwana; 

Ba unang molemo (majalefa) ba ne ba ena le ditebello tse hlokang kelello mabapi le temo, mme ba nahana hore temo ke mokgwa o potlakang ho isa motho thabong le boruing;

Ba unang molemo ba bile le tsebo e fokolang kapa ba hloka tsebo ho hang, mme ba hloka le bona boiphihlelo ba tsamaiso. Le ha eba o kile wa sebetsa polasing, hoo ha ho bolele hore jwale o ka ba molemi ya ikemetseng, ya nang le tse hlokahalang;

Ha ho a ka ha eba teng menyetla ya ditjhelete hammoho le ntshetsopele ya meralo ya motheo;

Tshehetso e bile e fokolang kapa e siyo Lefapheng la Temo;

Kwetliso e bile e fokolang kapa e sa lekanang;

Ha se majalefa ohle a neng a ena le thahasello le boinehelo katlehong ya temo;

Ho bile siyo mekgwa ya ho kgetha majalefa (ba unang molemo); le

Majalefa a ne a sa tlameha ho dula mapolasing.



Kabo ya Mobu mabapi le Ntshetsopele ya Temo 

Lefapha la Ditaba tsa Naha le ile la lemoha hore mokgwa ona ha o sebetse hantle, mme mokgwa ona o ile wa nkelwa sebaka ke sekema sa Kabo ya Mobu Ntshetsopeleng ya Temo (LRAD). Sena e bile kgatelopele ya SLAG hobane:

E bile thuso ya tjhelete e lebisitsweng ho motho ka mong (eseng lelapa), e leng hore ditho tsa lelapa tse dilemong tse ka hodima 18 di ne di kgona ho fumana thuso ena;

Thuso e tlasetlase ya tjhelete ena e bile R20 000 (e neng e feta thuso ya SLAG ya 15 000 SLAG); 

Tekatekano e ne e ka etswa ka thuso e eketsehileng (ho fihlela thusong e phahameng ka ho fetisisa ya R100 000, e leng e kgemang mmoho le diphehiso tsa motho tsa R400 000). Ona e bile mokgwa wa ho hapa batho ba seng ba ile ba ipokellela tjhelete e itseng (hangata ka mokgwa kapa kgwebo e itseng). 



Bongata ba dikema tsena bo ile ba swahlamana, haholoholo ka mabaka ana a latelang: 

Ba unang molemo (majalefa) ba nnile a kgothalletswa ho ipopa dihlotshwana ka ha thuso e fumanwang ke motho a le mong e ne e sa lekana ho ka reka polasi;

Ditebello tsa batho bana hangata e bile ditoro feela;

Majalefa e bile batho ba hlokang boiphihlelo kapa ba nang le boiphihlelo bo bonyane le yona tsamaiso e nyane ya dintho; 

Mohato e bile o monyane wa ho ntshetsa pele taba ya tjhelete le meralo ya motheo;

Tshehetso e bile e nyane, kapa e bile bosiyo ba tshehetso e bonahalang polasing, ho tswa lehlakoreng la Lefapha la Temo;

Kwetliso e bile e fokolang, kapa e bile e sa lekanang;

Ha se majalefa kaofela a neng a ena le tjheseho le boinehelo katlehong ya mosebetsi wa (temo) polasi;

Ka bomadimabe, ho bile siyo mekgwa e sebediswang ya ho kgetha batho; hammoho le 

Majalefa ha a ka a lebellwa hore a dule mapolasing.



Sekema sa Teko Phumanong ya Mobu 

Ha ho bonahala hore mokgwa ona ha o na katleho e kaalo, Lefapha la Ditaba tsa Naha le boetse la hlaha ka sekema se seng se setjha – Sekema sa Teko Phumanong ya Mobu. Hantlentle mokgwa ona o ne o batla hore majalefa a thahasellang a iteke le ho iponahatsa pele a ka fumana (fuwa) polasi. 



Mokgwa wa PLAS o sebetsa ka tsela ya hore Mmuso o reka polasi e lokelang ho ajwa. Polasi ena e a bapatswa le ho phatlalatswa, mme batho ba nang le thahasello ba tshwanetse ho fana ka mabaka hore hobaneng ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ba balemi. Nako ya kgiro e ne e le dilemo tse tharo, mme ka mora moo, “mohlokomedi” o dumellwa ho reka polasi ha a se a bontshitse hore a ka kgona ho ba le polasi, kapa “mohlokomedi” eo a ka nna a nkelwa sebaka ke “mohlokomedi” e mong kapa molemi ya ikemiseditseng. Sekema sena sa ntjhafatso ya mobu se itotobaditse ka mathata a mang a mangata. Mathata a mangata a ntse a tshwana feela le a nako e fetileng, empa a mang ke a matjha: 

Ditebello tsa majalefa hangata ke ditoro feela;

Majalefa ha a tlameha ho dula polasing;

Majalefa ke batho ba hlokang boiphihlelo kapa ba nang le boiphihlelo bo bonyane le yona tsamaiso e fokolang ya dintho; 

Ha ho mekgwa e latelwang ya ho kgetha batho; 

Mohato ke o monyane wa ho ntshetsa pele taba ya tjhelete le meralo ya motheo;

Tshehetso e nyane, kapa ke bosiyo ba tshehetso e bonahalang polasing, ho tswa lehlakoreng la Lefapha la Temo;

Kwetliso ke e fokolang, kapa e sa lekanang;

Bahlokomedi ba tswela pele ka bothata bo leng teng, empa hangata ha ba tsebe tseo ba ka di etsang mapolasing. Ha ba na boiphihlelo ka mehlape, dijothollo, metjhine ya polasing, mme ho totobetse hore jwale ba tobane le taba ya ho putlama ha mosebetsi;

Ka nako e nngwe, diterekere le disebediswa tsa polasing di maemong a fokolang haholo, a kang a ho robeha. Ntle le tsebo le boiphihlelo le yona tjhelete ya ho lokisa, mohlokomedi o sitwa ho sebedisa disebediswa tsena; 

Ha re etla tabeng ya dijothollo, ditjeo tsa tlhahiso hekthareng ka nngwe di mathela ho R5 000. Ha molemi a batla ho jala hekthara tse 200 (e leng sebaka se seng seholo ho ya ka tlhahiso ya kgwebo), sena se kenyelletsa matsete a milione o le mong ho kenya peo mobung (ho sa kenyelletswe tjhelete ya ditshebeletso le ya ditokiso tsa diterekere le disebediswa). Molemi ha se monga mobu, mme ho ka etsahala hore ebe ha a eso be le boiphihlelo ba temo. Sena se bolela hore o tla sitwa ho fumana kadimo ya thuso ya tjhelete mabapi le tlhahiso. Ntle le kadimo ena ya tjhelete, ha ho bonahale ka moo a tla kgona ho ba le milione ya diranta ho jala dihekthara tse 200; 

A re nke hore mohlomong molemi o na le tjhelete ya ho lokisa diterekere le disebediswa tsa polasi le ho jala dijothollo tsa hae. Na ke bohlale ho sebedisa tjhelete eo e seng ya hae masimong le metjhineng?; 

Masimong a dijothollo ho sebediswa mefuta e fapaneng ya disebediswa – mohoma, disc, setabodi, ekge ya disc, mohoma wa tjhisele, selemi (cultivator), rotovator, le tse ding. Ntle le boiphihlelo bo lekaneng, molemi o boetse ha a tsebe le phapang pakeng tsa disebediswa kaofela, mme o tla boela a kopane le bothata ba hore di sebediswa jwang, di setwa jwang hore di sebetse hantle; le

O mong wa melawana konterakeng e pakeng tsa mohlokomedi le Lefapha la Ditaba tsa Temo o bolela ka ho hlaka hore mohlokomedi ha a tshwanela ho hirisetsa molemi e mong ya hwebang, kapa ho kena tumellanong ya karolelano ya dijothollo le mohwebi e mong. Ntle le tjhelete ya kadimo, le ho se dumellwe ho hweba ka kopanelo le mohwebi e mong, molemi enwa o tla kgona jwang ho ithuta le ho kena ka setotswana kgwebong e phethahetseng? 



Ho a hlaka jwale puisanong ena e ka hodimo hore teko ya rona e shebaneng le ntjhafatso ya mobu, e shebane le diphephetso tse ngata, tse hlokolosi. Mathata a mangata ke a sa kang a bonwa e sa le pele, mme mehato ya ho ntjhafatsa lefapha lena la temo e bile e metle. 



Mona Afrika Borwa, re na le nalane ya taba tse seng monate. Le ha ho le jwalo, re tlamehile ho otla ditaba phatlantjhotjho, re sa lobe letho. Nakong ya mmuso o fetileng, temo e bile tlasa ba basweu, mme ka baka lena re tlamehile ho kgothalletsa lefapha la balemi ba bahwebi tekong ya ho ntjhafatsa le ho fetola lefapha lena. 



Ntjhafatso e atlehileng ya mobu e hloka tse ngata tse lokelang ho sebetsa mmoho: 

Lefapha lena le tlamehile ho fuparela batho molemo o itseng (kgahlanong le bohwai ka dijothollo jwalo ka ha ho etsahala kajeno); 

Majalefa a tlamehile ho kgethwa le ho kwetliswa;

Tjhelete e lekaneng e tshwanetse ho ba teng mabapi le ntshetsopele ya tlhahiso le meralo ya motheo; 

Mekgatlo ya dihlahiswa e tlamehile ho kenyelletswa ntshetsopeleng ya balemi lefapheng la bona; le

Ho tshwanetse ho tshwarahana matsoho le mehato eo Mmuso o e nkang, mme tsena di etswe ka nako e nepahetseng. 



Diprojeke tse putlameng

Ka baka la maano le mananeo a nako e fetileng, diprojeke tse ngata di ile tsa nyopa le ho putlama ka baka la mabaka a mangata (jwalo ka ha re boletse hodimo mona). Ho hlakile hore Lefapha le letjha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng le Ntjhafatso ya Mobu le rata ho tsoselletsa diprojeke tseo hore mobu o boele o sebediswe ka matla pele ho simollwa ka diprojeke tse ntjha. 



Hore diprojeke tsena tse ntjha di tsohe molota, ho bohlokwa haholo hore sesosa sa ho putlama se utlwisiswe – mme sena e tla ba taba e ikgethileng ho ya ka bothata ka bong. Hangata ke taba e bonolo ho ipuela feela hore projeke e putlame ka baka la bosiyo ba tjhelete. Ke nnete, bosiyo ba tjhelete hangata e bile bo bong ba mathata, empa ho akgella tjhelete feela projekeng ho ke ke ha rarolla mathata, empa ho tla baka kgohlano e ntjha ka ha majalefa a seng a lahlehetswe ke thahasello, a seng a nyahladitse projeke, a tla kgutla hape ka tshepo ya hore a tla iphumanela tjhelete projekeng e tsohang molota. 



Re tlamehile: 

Ho hlahloba sesosa sa ho putlama;

Ho hlwaya majalefa ao ruri a inehetseng ka setotswana, mme a rata ho tswela pele ka temo;

Ho thusa feela balemi ba ikemiseditseng ho dula mapolasing. Bolemi ha se mofuta wa kgwebo oo motho a ka o etsang e le karolo ya nako ya hae (part-time). Balemi ba atlehileng ba dula moo kgwebo ya bona e leng teng (mapolasing) moo 100% ya nako ya bona e leng ya polasi feela; 

Ho sebedisa batho bao ruri ba nang le boiphihlelo ho lekola/hlahloba polasi le ho thusa majalefa ka moralo o ka phethahalang hore polasi e kgone ho etsa tlhahiso; le

Ho kenyelletsa majalefa lenaneong la ntshetsopele la kwetliso le bokgoni, le leng tlasa tsamaiso ya mekgatlo ya dihlahiswa ya yunione ya balemi ba selehae, e le hore ho fumanwe balemi ba batjha ba ka hokahanngwang le lefapha la kgwebo ho tloha qalong. 



Hore phetoho le ntjhafatso temong e sebetse mona Afrika Borwa, re tlamehile ho tshwarahana matsoho, re ithute ho tshepana, re kopanye lefapha, mme re etse hore temo e nke taolo jwalo ka lejwe la motheo la ikonomi temong. 

